BIBELE

Dipesalema 132:4-18 BIBELE (SSO89SO)

4. mahlo a kaa ke ke a fumana boroko,le dintshi tsa kadi ke ke tsa tutubala,

5. ho fihlelake fumanela Morena sebaka,ke fumanela Ya Matla Leaho,Ya Matla, Modimo wa Jakobo.”

6. Areka re e utlwetse Eferata,ra e fumana masimong a Jaare.

7. A re keneng ka Leahong la hae,re itihele kapele ho yena.

8. Tloo, Morena,o ye sebakeng sa hao sa phomolo,wena le arekae bontshang matla a hao.

9. Baprista ba hao ba apeswe ho loka,batshepuwa ba hao ba etse ditlatse.

10. Ka baka la mohlanka wa hao Davida,o se ke wa furallaMotlotsuwa wa hao.

11. Morena o ile a hlapanyetsa Davida,a ke ke a kwenehela tshepiso,tshepiso ena ya nnete,a re: “E mongwa bana ba theka la hao,ke tla mmea teroneng ya hao.

12. Ha bara ba haoba ka boloka selekane sa ka,ba latela ditemosotseo ke ba neileng tsona,le bara ba bona ba tla dula teroneng,teroneng ya hao kamehla.”

13. Morena o ikgethetse Sione,o ratile hore e be leaho la hae;

14. a re: “Sena ke sebaka sa kasa phomolo sa kamehla,ke tla aha monahobane ke ratile jwalo.

15. Ke tla hlohonolofatsa Sione ka nala,mafutsana a yona ke a fepe,ke a fepe, a kgore.

16. Baprista ba yonake tla ba apesa pholoho,batshepuwa ba yonaba etse ditlatse.

17. “Teng ke tla bea setloholo sa Davida,ke se bee hore e be kgosi e matla,ke lokisetseMotlotsuwa wa ka lebone.

18. Dira tsa hae ke tla di apesa dihlong;athe yena hloohong ya haeho tla kganya mofapahlooho wa hae.”