BIBELE

Dipesalema 132:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.Morena, ako hopole Davida,le ho hlopheha hohle ha hae,

2. kamoo a neng a hlapanye,a hlapanyetsa Morena kateng,a ikana ho Ya Matla,Modimo wa Jakobo,

3. a re:“Nke ke ka kena ka tlung ya ka,kapa ka paqama diphateng tsa ka;

4. mahlo a kaa ke ke a fumana boroko,le dintshi tsa kadi ke ke tsa tutubala,

5. ho fihlelake fumanela Morena sebaka,ke fumanela Ya Matla Leaho,Ya Matla, Modimo wa Jakobo.”

6. Areka re e utlwetse Eferata,ra e fumana masimong a Jaare.

7. A re keneng ka Leahong la hae,re itihele kapele ho yena.

8. Tloo, Morena,o ye sebakeng sa hao sa phomolo,wena le arekae bontshang matla a hao.

9. Baprista ba hao ba apeswe ho loka,batshepuwa ba hao ba etse ditlatse.

10. Ka baka la mohlanka wa hao Davida,o se ke wa furallaMotlotsuwa wa hao.

11. Morena o ile a hlapanyetsa Davida,a ke ke a kwenehela tshepiso,tshepiso ena ya nnete,a re: “E mongwa bana ba theka la hao,ke tla mmea teroneng ya hao.

12. Ha bara ba haoba ka boloka selekane sa ka,ba latela ditemosotseo ke ba neileng tsona,le bara ba bona ba tla dula teroneng,teroneng ya hao kamehla.”

13. Morena o ikgethetse Sione,o ratile hore e be leaho la hae;

14. a re: “Sena ke sebaka sa kasa phomolo sa kamehla,ke tla aha monahobane ke ratile jwalo.