BIBELE

Dipesalema 129:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.Haesale ba ntshwenya haholoho tloha botjheng ba ka,Iseraele a ke a rialo,

2. haesale ba ntshwenya haholoho tloha botjheng ba ka,empa ha ba a ka ba ntlhola.

3. Balemi ba lemilemokokotlong wa ka,ba entse diforo tse telele.

4. Empa Morena o lokile,o kgaotse dikgwele tsa ba kgopo.

5. Bohle ba hloileng Sioneba ke ba hlajwe ke dihlong,ba tjhetjhiswe kasanthao.

6. Ba be jwaloka jwangbo marulelong a matlo,bo ponang pele bo ka fotholwa,

7. boo ho seng ya bo helang,ya ka tlatsang seatla sa hae ka bona,kapa ya tlamang mangataa a nka ka matsoho a hae.

8. Ba fetang ka tselaba ke ke ba re ho bona:“Tlhohonolofatso ya Morenae ke e be le lona,re le hlohonolofatsaka lebitso la Morena.”