BIBELE

Dipesalema 12:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka seletsa se kgwele di robedi.

2. Re pholose Morena,batshepuwa ba fedile;botshepehi ha bo sa le yoho bana ba batho.

3. Batho ba bolellana mashano,maleme a bona a monate,empa ke bo-temepedi.

4. Morena a ke a fedise bohle,bohle ba maleme a monate,le bohle ba melomo e ikakasang,

5. e leng batho ba reng:“Re tla hlola ka maleme a rona;re tseba ho ipuella,ke mang ya ka re busang?”

6. Morena o re:“Ka baka la ho tujwa ha bahlophehi,le la ho dumaela ha mafutsana,jwale ke kena dipakeng;ke tla ba fa pholohoeo ba e hloretseng.”

7. Dipolelo tsa Morenake dipolelo tse hlwekileng,di ka sileferae qhibidisitsweng seboping,silefera e hlwekisitsweng hasupa.

8. Ke wena Morena, ya re lebelang,ya re sireletsang kamehlamolokong ona,

9. ho ba kgopo ba tletseng hohle,ha bosoro bo totilehara bana ba batho.