BIBELE

Dipesalema 118:2-15 BIBELE (SSO89SO)

2. Iseraele a ke a re:“Mohau wa haeke wa kamehla yohle.”

3. Ba ntlo ya Arone ba ke ba re:“Mohau wa haeke wa kamehla yohle.”

4. Ba tshabang Morena ba ke ba re:“Mohau wa haeke wa kamehla yohle.”

5. Ha ke ne ke patisitswe,ka ipiletsa ho Morena;Morena a nkarabela, a ntokolla.

6. Morena o na le nna,ha ke tshabe letho;motho a ka nketsang?

7. Morena o na le nna,ke mothusi wa ka,ke tella ba ntlhoileng.

8. Ho molemo ho tshabela ho Morena,ho ena le ho tshepa motho.

9. Ho molemo ho tshabela ho Morena,ho ena le ho tshepa mahosana.

10. Baditjhababa ne ba ntikanetse kaofela,empa ka ba tamukanyaka lebitso la Morena.

11. Ba ntikanela,ba ntikanela kamahohle,empa ka ba tamukanyaka lebitso la Morena.

12. Ba mpokanela jwaloka dinotshi,ba ka malakabehara dihlahla tsa meutlwa,empa ka ba tamukanyaka lebitso la Morena.

13. Ka sutumetswa haholohoo ke batlileng ke ewa,empa Morena a nthusa.

14. Morena ke matla a kale thoko ya ka,ke yena mopholosi wa ka.

15. Metlotlwaneng ya ba lokileng,ho utlwahala ditlatse tsa tlholo,ho thwe:“Letsoho le letona la Morenale sebeditse tse matla,