BIBELE

Dipesalema 118:10-22 BIBELE (SSO89SO)

10. Baditjhababa ne ba ntikanetse kaofela,empa ka ba tamukanyaka lebitso la Morena.

11. Ba ntikanela,ba ntikanela kamahohle,empa ka ba tamukanyaka lebitso la Morena.

12. Ba mpokanela jwaloka dinotshi,ba ka malakabehara dihlahla tsa meutlwa,empa ka ba tamukanyaka lebitso la Morena.

13. Ka sutumetswa haholohoo ke batlileng ke ewa,empa Morena a nthusa.

14. Morena ke matla a kale thoko ya ka,ke yena mopholosi wa ka.

15. Metlotlwaneng ya ba lokileng,ho utlwahala ditlatse tsa tlholo,ho thwe:“Letsoho le letona la Morenale sebeditse tse matla,

16. letsoho le letona la Morenale a tlotleha,letsoho le letona la Morenale sebeditse tse matla.”

17. Ha nka ke ka shwa,empa ke tla phela,ke bolele mesebetsi ya Morena.

18. Morena o nkgalemetse,empa ha a a ka a nneela lefu.

19. Mpuleleng menyako ya Tempele,ke tle ke kene ka yona,ke boke Morena.

20. Ona ke wona monyako,monyako wa ntlo ya Morena,ba lokileng ba tla kena ka wona.

21. Ke a o bokahobane o ile wa nkaraba,o bile mopholosi wa ka.

22. Lejwe le lahlilweng ke dihahile fetohile lejwe la mantlha;