BIBELE

Dipesalema 114:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Mohla Iseraele a tswang Egepeta,ba ntlo ya Jakobo ba tloha,ba tloha setjhabeng sesele,

2. Juda ya eba sehalalelo sa Morena,Iseraele ya eba mmuso wa hae.

3. Lewatle ha le ba bona la baleha,Jorodane ya tjhetjha kasanthao.

4. Dithaba tsa thala jwaloka dipheleu,maralla jwaloka dikonyana.

5. Wena lewatle, o balehelang?Le wena Jorodane,o tjhetjhelang kasanthao?

6. Lona dithaba,keng ha le thala jwaloka dipheleu,le lona maralla, jwaloka dikonyana?

7. Wena lefatshe, thothomela,thothomela pela fahleho sa Morena,pela sefahlehosa Modimo wa Jakobo;

8. yena ya fetolang lefikaletsha la metsi,lejwe la moralla a le fetole sediba.