BIBELE

Dipesalema 113:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Haleluja!Lona bahlanka ba Morena,mo roriseng,le rorise lebitso la Morena.

2. Ho bokwe lebitso la Morena,ho tloha jwale le kamehla yohle.

3. Ho tloha botjhabelaho isa bophirimela,ho roriswe lebitso la Morena.

4. Morena o phahametse tjhaba tsohle,tlotla ya haee okametse mahodimo.

5. Ke mang ya kang Morena,Morena Modimo wa rona,ya dutseng teroneng,teroneng e hodimodimo,

6. empa a ikokobeletsa ho tadimamahodimo le lefatshe?

7. O tsosa mofutsana leroleng,a phahamise mohloki thotobolong;

8. a mo dudise le mahosana,le mahosana a setjhaba sa habo.