BIBELE

Dipesalema 109:13-27 BIBELE (SSO89SO)

13. Ditloholo tsa hae di ke di timetswe,mabitso a tsona a hlakolwemelokong e hlahlamang.

14. Molato wa bo-ntataeo nne o hopolwe ke Morena,sebe sa mmaese se ke sa hlakolwa;

15. Morena a nne a di hopole kamehla,a ba hlakole lefatsheng,hore ba se hlole ba hopolwa.

16. Motho eo ha a a ka a hopola,a hopola ho ba mohau,empa a hlorisa mohlophehi,a hlorisa le mofutsana,a tle a bolaye ya tepeletseng pelo.

17. A rata ho rohakana:Thohako e ke be hodima hae!Ha a ka a thabela tlhohonolofatso:E ke be hole le yena!

18. A apara thohako jwaloka kobo:E ke e monyele mmeleng wa hae,e monyele jwaloka metsi,le masapong a hae jwaloka ole.

19. E ke be jwaloka seaparoseo a ipopileng ka sona,e be jwaloka leqhamaleo a itlamileng ka lona kamehla.

20. Morena a ke a putsebaqosi ba ka jwalo,batho bana ba mpuang hampe.

21. Empa wena Morena, Morena ka,ako nthusetseka baka la lebitso la hao,o nnamoleleka baka la mohau wa hao o molemo.

22. Ke mohlophehi, ke mofutsana,pelo ya ka e thulameka sefubeng sa ka.

23. Ke ikela jwaloka meriti e theang,ke fefolwa jwaloka tsie.

24. Mangwele a ka a tsherema,a tsherema ke ho itima dijo,mmele wa ka o otileke ho hloka mafura.

25. Ke fetohile sekgoboho baqosi ba ka,ha ba mponaba ntshisinyetsa dihlooho.

26. Ako nthuse,Morena, Modimo wa ka,o mpholose ka mohau wa hao,

27. ba tle ba tsebehore hona ho entswe ke wena,ke mosebetsi wa matsoho a hao,matsoho a hao wena Morena.