BIBELE

Dipesalema 109:10-16 BIBELE (SSO89SO)

10. Bana ba hae ba lelere,e be mekopakopa,ba lelekwe thakong tsa habo bona.

11. Moadimani a ke a mo amohesohle seo a nang le sona;batho basele ba ikgapeletholwana tsa mofufutso wa hae.

12. Ho se be motho ya mo hauhelang,kapa ya thusang dikgutsana tsa hae.

13. Ditloholo tsa hae di ke di timetswe,mabitso a tsona a hlakolwemelokong e hlahlamang.

14. Molato wa bo-ntataeo nne o hopolwe ke Morena,sebe sa mmaese se ke sa hlakolwa;

15. Morena a nne a di hopole kamehla,a ba hlakole lefatsheng,hore ba se hlole ba hopolwa.

16. Motho eo ha a a ka a hopola,a hopola ho ba mohau,empa a hlorisa mohlophehi,a hlorisa le mofutsana,a tle a bolaye ya tepeletseng pelo.