BIBELE

Dipesalema 108:3-14 BIBELE (SSO89SO)

3. Tsoha moya wa ka,tsohang, lona thomo le harepa;ke tla tsoha mafube a eso hlahe.

4. Morena, ke tla o boka hara ditjhaba,ke o roke hara merabe;

5. hobane mohau wa hao o moholo,o fihla mahodimong,le botshepehi ba haobo fihla marung.

6. Modimo, ako bontshehore o okametse mahodimo,tlotla ya haoe phahamele lefatshe lohle.

7. Re pholoseka letsoho la hao le letona,o re utlwe,baratuwa ba hao ba tle ba lopollwe.

8. Modimo o builea le sehalalelong sa hae, a re:“Ke nyakaletse, ke tla arola Shekeme,ke sehe kgohlo ya Sukote dikoto.

9. Gileade ke ya ka,le Manase ke ya ka;Efraime ke katiba ya ka ya tshepe,Juda yena ke lere la ka la puso.

10. Moabe ke lefisoleo ke itlhatswetsang ho lona,Edomo ke tla e hatakela ka seeta;Filesitiya teng ke tla etsa ditlatse,ke etse ditlatse tsa tlholo.”

11. Ke mang ya tla nkisamotseng wa diqhobosheane?Ke mang ya tla mphihlisa Edomo,

12. ha e le moo wena Modimo,o re lahlile,o se o sa tswe le mabotho a rona?

13. Ako re thuse direng tsa rona;hobane thuso ya motho ke lefeela.

14. Ka thuso ya Modimore tla lwana senna,ke yena ya tla hatakeladira tsa rona.