BIBELE

Dipesalema 107:2-14 BIBELE (SSO89SO)

2. Ba ke ba rialobao Morena a ba lopolotseng,a ba namolelamatsohong a mohatelli;

3. a ba phutha, a ba ntsha dinahengtsa botjhabela le bophirimela,tsa borwa le leboya.

4. Ba ne ba phaila lefeelleng,ba phaila lehwatateng,ba sa fumane tsela e yang motsengoo ba ka ahang ho wona,

5. ba lapile, ba nyorilwe,ba le lekgatheng la ho idibana.

6. Matshwenyehong a bonaba ipiletsa ho Morena,mme a ba lopolla tsietsing ya bona.

7. A ba tsamaisa tseleng e otlolohileng,a ba isa motsengoo ba ka ahang ho wona.

8. Ba ke ba boke Morenaka baka la mohau wa hae,le dimakatso tsa haeho bana ba batho.

9. O ile a tima lenyorala ba nyorilweng,a kgorisa ba lapilengka tse molemo.

10. Ba bang ba ne ba phelalefifing le letsholetsho,ba tlamilwe ke ditlhophehole ke wona mahlaahlela,

11. hoba ba fetohetse taelo tsa Modimo,ba kgesitse keletsoya Ya Hodimodimo.

12. A ba kokobetsaka mesebetsi e boima,ba kgothometseha,ho se ya ka ba thusang.

13. Matshwenyehong a bonaba lla ho Morena,mme a ba pholosa tsietsing ya bona.

14. A ba ntsha lefifing, le bodutung,a kgaola ditlamo tsa bona.