BIBELE

Dipesalema 107:10-22 BIBELE (SSO89SO)

10. Ba bang ba ne ba phelalefifing le letsholetsho,ba tlamilwe ke ditlhophehole ke wona mahlaahlela,

11. hoba ba fetohetse taelo tsa Modimo,ba kgesitse keletsoya Ya Hodimodimo.

12. A ba kokobetsaka mesebetsi e boima,ba kgothometseha,ho se ya ka ba thusang.

13. Matshwenyehong a bonaba lla ho Morena,mme a ba pholosa tsietsing ya bona.

14. A ba ntsha lefifing, le bodutung,a kgaola ditlamo tsa bona.

15. Ba ke ba boke Morenaka baka la mohau wa hae,le dimakatso tsa haeho bana ba batho.

16. O ile a pshatla mamati a koporo,a robaka mekwallo ya tshepe.

17. Ba bang ba thotofatswake metsamao ya bona e kgopo,ba hlokofatswaka baka la melato ya bona,

18. ba tenwa ke dijo tsohle;ba ne ba se ba le dintshing tsa lefu.

19. Matshwenyehong a bonaba lla ho Morena,mme a ba pholosa tsietsing ya bona.

20. A laela, mme ba fola,a ba phemisa lebitla.

21. Ba ke ba boke Morenaka baka la mohau wa hae,le dimakatso tsa haeho bana ba batho.

22. Ba nyehele ka mahlabelo a teboho,ba tumise mesebetsi ya hae,ba e tumise ka mehoo ya thabo.