BIBELE

Dipesalema 106:28-36 BIBELE (SSO89SO)

28. Ba kgomarela Baale wa Peore,ba eja mahlabeloa etseditsweng bafu.

29. Ba phephetsa Modimoka diketso tsa bona,ba welwa ke lefu la sewa.

30. Empa Finease a ema,a ahlola ba molato,yaba lefu la sewa le a fela.

31. Hoo a ho ballwa e le ho loka,ho isa melokong yohle,kamehla le mehla.

32. Ba boela ba halefisa Morena,ba mo halefisa metsing a Meriba,Moshe a ba tsietsingka baka la bona;

33. ba kgopisa moya wa hae,hoo a bileng a bua a sa inahana.

34. Ha ba a ka ba timetsa ditjhabajwalokaha Morena a ne a ba laetse;

35. ba mpa ba nyallana le baditjhaba,ba ithuta mekgwa ya bona.

36. Ba sebeletsa medimo ya bona,medimo ya bona ya ditshwantsho,e ileng ya ba fetohela leraba.