BIBELE

Dipesalema 106:1-16 BIBELE (SSO89SO)

1. Haleluja!Bokang Morena, hobane o molemo;mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

2. Ke mang ya ka bolelangketso tse matla tsa Morena,ya ka tumisangthoriso yohle ya hae?

3. Ho lehlohonolo ba etsang toka,ba etsang ho lokileng ka nako tsohle.

4. Morena, ako nkgopole,ha o sitsa setjhaba sa hao,o nketele, o tlo mpholosa.

5. A nke ke bone katlehoya bakgethwa ba hao,ke be le kabelo thabongya setjhaba sa hao,ke tle ke ithorisemmoho le bao e leng lefa la hao.

6. Rona le bo-ntata rona re entse dibe,re molato, re kgopo.

7. Bo-ntata rona, ha ba sa le Egepeta,ha ba a ka ba utlwisisadimakatso tsa hao;ba ile ba lebalamohau wa hao o moholo,ba mpa ba fetohela Ya Hodimodimoha ba le Lewatleng la Sufe.

8. Empa o ile a ba pholosaka baka la lebitso la hae,hore ho tle ho bonahatswematla a hae.

9. A kgalemela Lewatle la Sufe,yaba le a psha;a ba tsamaisa madibengjwalokaha eka ke sebataolong.

10. A ba pholosa matsohonga ba ba hloileng,a ba namolela matsohong a sera.

11. Metsi a kwahela ba ba lwantshang,ha se ke ha phonyoha le ya mong.

12. Yaba ba qalaho kgolwa tshepiso tsa hae,ba mminela dithoko.

13. Empa ba phakisa ho lebala,ho lebala diketso tsa hae,ba tlohela ho batla keletso ho yena.

14. Ba mpa ba laolwake ditakatso tsa bona lefeelleng,ba leka Modimo ba le lehwatateng.

15. A ba nea seo ba neng ba se kopa,A ba nea seo ba neng ba se kopa,athe o tla ba neellaka lefu le ba timetsang.

16. Ba honohela Moshe ba le diahelong,le yena Arone,mohalaledi wa Modimo.