BIBELE

Dipesalema 105:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Bokang Morena,le rapele lebitso la hae,le tumise diketso tsa hae,le di tumise hara ditjhaba.

2. Mmineleng, le mo roke,le nahane dimakatso tsa hae tsohle.

3. Ithoriseng ka lebitso la hae,lebitso la hae le halalelang,pelo tsa ba batlang Morenadi ke di thabe.

4. Batlang Morena le matla a hae;le nne le batle fahleho sa hae,le se batle kamehla le mehla.

5. Hopolang dimakatso tsa haetseo a di entseng,mehlolo ya hae,le dikahlolo tseo a di boletseng,

6. lona ba leloko la Aborahama,mohlanka wa hae,lona bana ba Jakobo,bao a ikgethetseng bona.

7. Morena ke yena Modimo wa rona,ke yena ya ahlolang lefatshe lohle.