BIBELE

Dipesalema 105:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Bokang Morena,le rapele lebitso la hae,le tumise diketso tsa hae,le di tumise hara ditjhaba.

2. Mmineleng, le mo roke,le nahane dimakatso tsa hae tsohle.

3. Ithoriseng ka lebitso la hae,lebitso la hae le halalelang,pelo tsa ba batlang Morenadi ke di thabe.

4. Batlang Morena le matla a hae;le nne le batle fahleho sa hae,le se batle kamehla le mehla.

5. Hopolang dimakatso tsa haetseo a di entseng,mehlolo ya hae,le dikahlolo tseo a di boletseng,

6. lona ba leloko la Aborahama,mohlanka wa hae,lona bana ba Jakobo,bao a ikgethetseng bona.

7. Morena ke yena Modimo wa rona,ke yena ya ahlolang lefatshe lohle.

8. Ha a lebale selekane sa haele ka mohla,tshepiso eo a e entseng,a e etsetsa meloko e sekete;

9. selekane seo a se entseng,a se etsa le Aborahama,le kano eo a e entseng,a e etsetsa Isaka,

10. hore e be molao o tiileng ho Jakobo,le lekane sa kamehla yohleho Iseraele,

11. ha a re:“Ke tla o nea naha ya Kanana,e le lefa leo ke o abelang lona.”

12. Ha ba ne ba sa le mmalwana,e le bajaki ba seng bakae naheng eo,