BIBELE

Dipesalema 10:12-18 BIBELE (SSO89SO)

12. Thusa, Morena! Oho, Modimo,itokisetse ho otla;o se ke wa lebala bahlophehi.

13. Ya kgopo o nyedisetsang Modimo,ka pelong ya hae a re:“A ke ke a phetetsa?”

14. Athe wena o bona bomadimabele mahlomola;o a di lemoha, mme o a di laola.Ya tsielehileng o tshepile wena,ke wena mothusi wa dikgutsana.

15. Robokela ya kgopo le e mobe,o phetetse bokgopo ba haebo fele tu!

16. Morena ke kgosi kamehla le mehla,baditjhaba ba fedile naheng ya hae.

17. Morena, o utlwile takatsotsa ba eisehang,o ba matlafatsa dipelo,o ba sekehela tsebe,

18. ho ahlolela kgutsanale ya hatellwang,hore motho wa lefatshea se hlole a tshosa ba bang.