BIBELE

Bakolose 3:19-25 BIBELE (SSO89SO)

19. Lona banna, ratang basadi ba lona, mme le se ke la ba hlonamela.

20. Lona bana, mamelang batswadi ba lona dinthong tsohle, hobane hona ho kgahlisa Morena.

21. Lona batswadi, le se ke la kgentsha bana ba lona, esere ba nyahama dipelo.

22. Lona makgoba, mamelang beng ba lona ba lefatshe dinthong tsohle. Hona le se ke la ho etsa feela ha ba le teng, jwaloka ba ratang ho kgahlisa batho, le mpe le ho etsa ka botshepehi, ka ho tshaba Morena.

23. Sohle seo le se etsang, le se etse ka dipelo tsohle tsa lona, jwaloka hoja le se etsetsa Morena, e seng batho.

24. Tsebang hore Morena o tla le putsa ka ho le etsa majalefa a hae. Morena eo le mo sebeletsang ke Kreste.

25. Ha e le ya etsang ho sa lokang, o tla amohela moputso wa ho se loke, kaha Modimo ha a ye ka tshobotsi.