BIBELE

Bakolose 3:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Erekaha le tsositswe bafung le Kreste, batlang dintho tse hodimo, moo Kreste a dutseng ka letsohong le letona la Modimo.

2. Thahasellang dintho tse hodimo, e seng tse lefatsheng,

3. hobane le shwele, mme bophelo ba lona bo patehile le Kreste ho Modimo.

4. Mohla Kreste eo e leng bophelo ba lona a bonahatswang, le lona le tla bonahatswa le yena ka tlotla.

5. Ha ho le jwalo, bolayang ditakatso tsa lona tsa lefatshe, e leng bohlola, tse ditshila, ditakatso tse mpe, tsa bokgopo, le meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata.

6. Ka baka la tse jwalo bohale ba Modimo bo tlela ba sa mo mameleng.

7. Pele le lona le ne le phela ho ya ka ditakatso tse jwalo,

8. empa kajeno lahlang tsena tsohle: bohale, le kgalefo, le lonya. Bonyefodi le dipolelo tse hlabisang dihlong di se tswe melomong ya lona.

9. Le se ke la bolellana mashano, hobane le hlobotse botho ba lona ba kgale le mesebetsi ya bona.

10. Le apere botho bo botjha bo ntjhafatswang hore bo tshwane le Mmopi, le tle le be le tsebo ya nnete.

11. Kahoo ha ho sa le moditjhaba kapa Mojuda, ya bolotseng kapa ya sa bollang, ya hlaha, ya tala, lekgoba le molokolohi, empa ho na le Kreste feela; ke yena tsohle, mme o ho bohle.