BIBELE

Baheberu 9:5-14 BIBELE (SSO89SO)

5. Hodima areka eo ho ne ho ena le dikerubime tse tlotlehang. Mapheo a tsona a ne a kgurumeditse sebaka sa tefelo ya dibe. Empa ena hase nako ya ho lokodisa tsena tsohle.

6. Ho ya ka ditlhopiso tseo, baprista ba kena kamehla karolong ya pele ya Tente ho phetha tsa bosebeletsi ba bona.

7. Empa karolong ya bobedi ya Tente ho kena Moprista e Moholo feela, le teng hanngwe ka selemo. O kena a nkile madi ao a nyehelang ka wona ho Modimo ka baka la dibe tsa hae le tsa batho, tseo ba di entseng ka ho hloka tsebo.

8. Ka hona Moya o Halalelang o bontsha hore tsela e kenang Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa ha e eso bulwe, ha karolo ya pele ya Tente e sa ntsane e le teng.

9. Hona ke setshwantsho se supang mehla ya jwale: Tenteng eo, ho nyehelwa ka dimpho le ka mahlabelo a ke keng a etsa hore ya rapelang a hlwekiswe pelo.

10. Ke tse amanang le dijo, le dino, le ho itlhatswa ha mefutafuta, e leng meetlo ya botho feela, e neng e tla sebetsa ho fihlela Modimo a lokisa dintho botjha.

11. Jwale Kreste o tlile e le Moprista e Moholo wa tse molemo tse tlang ho tla. Tente eo a sebeletsang ho yona e kgolo, mme e phethehile ho feta ya pele. Ha e a etswa ke motho, e leng ho re hase ya lefatshe lena.

12. O kene hanngwe feela Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, a sa nka madi a diphooko kapa a manamane, empa a nkile madi a hae ka sebele, mme a re fumanela topollo e sa feleng.

13. Haesita madi a diphooko le a dipoho, le molora wa sethojana o fokwang, tsena di halaletsa batho ba silafetseng ka ho ba hlwekisa mmeleng,

14. na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?