BIBELE

Baheberu 9:14-28 BIBELE (SSO89SO)

14. na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?

15. Ka baka lena, Kreste ke mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se setjha. Ka lefu la hae o lefeletse ditshito tseo batho ba neng ba di etse tlasa selekane sa pele, e le hore ba bitsitsweng ke Modimo ba tle ba tsebe ho ja lefa le sa feleng, leo ba le tshepisitsweng.

16. Moo ho entsweng lengolo le abang lefa, eka kgona lefu la moetsi wa lona le pakwe.

17. Dipallo tsa lengolo le jwalo di phethahatswa feela kamora lefu; athe ha moetsi wa lona a sa phela, ha le na thuso.

18. Kahoo le sona selekane sa pele se theilwe ka madi.

19. Moshe o ile a balla setjhaba sohle ditaelo tsohle ka ho ya ka Molao, a nto nka madi a manamane le a diphooko, le metsi, le boya bo bofubelu, le lehlaku la hisopa, a foka buka ya Molao le batho bohle,

20. a re: “Hona ke madi a selekane seo Modimo a le laetseng sona.”

21. Yaba o foka le Tente ka madi, le dintho tsohle tse sebediswang tshebeletsong.

22. Ho ya ka Molao e batla e le tsohle tse hlwekiswang ka madi, mme dibe di ke ke tsa tshwarelwa ha madi a sa tsholohe.

23. Ha e le mona dintho tsena, tse tshwantshang tse mahodimong, di hlwekiswa ka mokgwa ona, eka kgona tsena tsa mahodimo tsona di hlwekiswe ka mahlabelo a fetang ao.

24. Kreste ha a a ka a kena ka Sehalalelong se entsweng ke batho, e leng setshwantsho feela sa Sehalalelo sa nnete, empa o kene lehodimong la sebele, moo jwale a tlang ho hlaha kapele ho Modimo sebakeng sa rona.

25. Moprista e Moholo o kena ka Sehalalelong ka selemo le selemo, a nkile madi ao e seng a hae, empa Kreste ha a a ka a inyehela ka makgetlo a mangata.

26. Hoja ho ne ho le jwalo, e ne eka kgona a hlokofatswe hangata ho tloha tlholehong ya lefatshe. Empa o bonahaditswe hanngwe feela mehleng ena ya qetello, ho fedisa sebe ka ho iketsa sehlabelo.

27. Batho ba abetswe ho shwa hanngwe, ba nto ahlolwa.

28. Ka mokgwa o jwalo le Kreste o ile a inyehela hanngwe, ho tlosa dibe tsa ba bangata. Mohla a tlang kgetlo la bobedi, sebe se se se fedisitswe, o tla iponahatsa ho ba mo lebeletseng hore a ba pholose.