BIBELE

Baheberu 9:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Selekane sa pele se ne se ena le melao ya tshebeletso, le tempele eo e leng ya lefatshe.

2. Ho ile ha hlongwa Tente, eo karolo ya yona ya pele e neng e bitswa Sehalalelo. Ka ho sona ho ne ho ena le sedulwana sa mabone, tafole, le bohobe bo halalelang.

3. Kamora lesira la bobedi ho ne ho ena le karolo ya bobedi ya Tente, e neng e bitswa Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa.

4. Ka ho sona ho ne ho ena le aletare ya kgauta, moo ho neng ho tjhesetswa mokubetso teng, le areka ya selekane e apesitsweng ka kgauta, moo ho kentsweng pitsa ya kgauta e tshetseng manna, le lere la Arone le neng le ile la eba le dithunthung, le matlapa a mabedi ao ho ngotsweng mantswe a selekane ho wona.

5. Hodima areka eo ho ne ho ena le dikerubime tse tlotlehang. Mapheo a tsona a ne a kgurumeditse sebaka sa tefelo ya dibe. Empa ena hase nako ya ho lokodisa tsena tsohle.

6. Ho ya ka ditlhopiso tseo, baprista ba kena kamehla karolong ya pele ya Tente ho phetha tsa bosebeletsi ba bona.

7. Empa karolong ya bobedi ya Tente ho kena Moprista e Moholo feela, le teng hanngwe ka selemo. O kena a nkile madi ao a nyehelang ka wona ho Modimo ka baka la dibe tsa hae le tsa batho, tseo ba di entseng ka ho hloka tsebo.

8. Ka hona Moya o Halalelang o bontsha hore tsela e kenang Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa ha e eso bulwe, ha karolo ya pele ya Tente e sa ntsane e le teng.

9. Hona ke setshwantsho se supang mehla ya jwale: Tenteng eo, ho nyehelwa ka dimpho le ka mahlabelo a ke keng a etsa hore ya rapelang a hlwekiswe pelo.