BIBELE

Baheberu 8:6-12 BIBELE (SSO89SO)

6. Jwale Jesu o neilwe bosebeletsi bo fetang ba bona, kaha e le mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se theilweng hodima ditshepiso tse ntle ho feta tsa pele.

7. Ha e ne e ba selekane sane sa pele se ne se sa nyatsehe, ho ka be ho sa ka ha hlokahala hore ho be le selekane sa bobedi.

8. Empa jwale Modimo o nyatsa setjhaba sa hae, ha a re:“Bonang, matsatsi a a tla,ho rialo Morena,ao ka wonake tla etsa selekane se setjha,ke se etse le ba ntlo ya Iseraele,le ba ntlo ya Juda.

9. Ha se na ho tshwanale selekane seo ke neng ke se etsele baholoholo ba bona,ha ke ne ke ba tshwere ka letsoho,ke ba ntsha naheng ya Egepeta.Kahobane ha ba a ka ba tiisetsaselekaneng sa ka,le nna ha ke a ka ka ba natsa,ho rialo Morena.

10. Selekane seo ke tla se etsale ba ntlo ya Iseraele,hoba matsatsi ao a fete,ho rialo Morena, ke sena:Ke tla kenya molao wa kamaikutlong a bona,ke o ngolekahara dipelo tsa bona;ke be Modimo wa bona,bona e be setjhaba sa ka.

11. Motho ha a sa tla hlolaa ruta ya ahisaneng le yena,leha e le ngwanabo,a re: <Tseba Morena!>hobane ba tla ntseba bohle,ho tloha ho ya eisehangho isa ho ya hlomphehang.

12. Ke tla ba tshwarelamakgopo a bona,ha ke sa tla hlolake hopola dibe tsa bona.”