BIBELE

Baheberu 7:22-28 BIBELE (SSO89SO)

22. Ka baka leo, Jesu e bile motiisi wa selekane se molemo ka ho fetisa.

23. Hape ba bang ba bangata e nnile ya eba baprista, hobane ba ne ba eshwa, mme ba sitwa ho tswela pele bopristeng.

24. Empa boprista ba Jesu ke bo se nang bofelo, hobane yena o teng kamehla le mehla.

25. Ka hona o na le matla a ho pholosa ka ho tlala bohle ba tlang ho Modimo ka yena, kaha a phela kamehla ho ba buella.

26. Re lokelwa ke Moprista e Moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang bobe leha e le sekodi, ya sa amaneng le baetsadibe, ya phahamiseditsweng kahodimo ho mahodimo.

27. O ne a se jwaloka Baprista ba bang ba Baholo, ba neng ba hloka ho nyehela ka mahlabelo ka matsatsi wohle, pele e le ka baka la dibe tsa bona, e ntano ba tsa setjhaba. Jesu o ile a nyehela ka sehlabelo se le seng, hanngwe feela, ha a inyehela ka boyena.

28. Molao wa Moshe o beile batho ba nang le mefokolo hore e be Baprista ba Baholo; athe mantswe a kano, a builweng kamorao ho Molao wa Moshe, a beile Mora ya phethehileng ka ho sa feleng.