BIBELE

Baheberu 7:11-26 BIBELE (SSO89SO)

11. Setjhaba sa Iseraele se ile sa amohela Molao tlasa boprista ba Levi. Jwale, hoja boprista boo e ne e le bo phethehileng, na ho ne ho sa ntse ho hlokahala hore ho hlahe moprista e mong, eo e leng yena jwaloka Meleki-Sedeke, e seng jwaloka Arone?

12. Ha boprista bo fetoha, molao le wona eka kgona o fetohe.

13. Jwale eo ho buuwang ka yena tabeng tsena ke wa leloko lesele, leo ho seng setho le se seng sa lona se kileng sa sebeletsa aletareng.

14. Efela ho tsejwa hantle hore Morena wa rona o tswile lelokong la Juda, leo Moshe a sa kang a bolela letho ka lona, ha a bua ka tsa boprista.

15. Hona ho totobetse le ho feta, ha moprista e mong ya hlahang a tshwana le Meleki-Sedeke,

16. ya sa kang a bewa ka mokgwa o dumellanang le melao le meetlo ya botho, empa ya beilweng ka matla a bophelo bo ke keng ba fediswa,

17. hobane ho pakilwe ka yena, ha thwe:“O moprista ka ho sa felengjwaloka Meleki-Sedeke.”

18. Ka nqe nngwe Molao wa pele o ile wa fediswa ka baka la ho fokola le ho hloka thuso ha wona,

19. hobane ha ho letho leo Molao oo o neng o ka etsa hore le phethehe. Empa ka nqe nngwe ho ile ha tliswa tshepo e fetisang ka molemo, eo re ka atamelang pela Modimo ka yona.

20. Ha e le hoo, ho entswe ka kano; athe ba bang e bile baprista kantle ho kano.

21. Jesu yena o etseditswe kano ke ya itseng ka yena:“Morena o ikanne,mme ha a ka ke a kweneha:<O moprista ka ho sa feleng.> ”

22. Ka baka leo, Jesu e bile motiisi wa selekane se molemo ka ho fetisa.

23. Hape ba bang ba bangata e nnile ya eba baprista, hobane ba ne ba eshwa, mme ba sitwa ho tswela pele bopristeng.

24. Empa boprista ba Jesu ke bo se nang bofelo, hobane yena o teng kamehla le mehla.

25. Ka hona o na le matla a ho pholosa ka ho tlala bohle ba tlang ho Modimo ka yena, kaha a phela kamehla ho ba buella.

26. Re lokelwa ke Moprista e Moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang bobe leha e le sekodi, ya sa amaneng le baetsadibe, ya phahamiseditsweng kahodimo ho mahodimo.