BIBELE

Baheberu 7:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. Meleki-Sedeke eo e ne e le kgosi ya Salema le moprista wa Modimo ya hodimodimo. Ha Aborahama a kgutla ntweng eo a neng a hlotse dikgosi ho yona, Meleki-Sedeke o ile a mo kgahlanyetsa, mme a mo hlohonolofatsa.

2. A ba a arolelwa karolo e le nngwe ho tse leshome ya kgapo yohle ke Aborahama. Lebitso la Meleki-Sedeke ke ho re: “Kgosi ya toka”. Hape e ne e le kgosi ya Salema, e leng ho re: “Kgosi ya kgotso”.

3. Yena, ya se nang ntatae, ya se nang mmae, ya se nang leloko, ya se nang leha e le qalo ya ditshiu tsa bophelo ba hae leha e le qetello ya tsona, ya tshwanang le Mora wa Modimo, o sala e le moprista ka ho sa feleng.

4. Lemohang boholo ba motho eo moholoholo wa rona Aborahama a ileng a mo nea karolo e le nngwe ho tse leshome, e leng tsa bohlokwa tse hapilweng.

5. Jwale, hara ditloholo tsa Levi, ba amohelang boprista ba laelwa ke Molao ho nka karolo e le nngwe ho tse leshome ho setjhaba, ke hore ho bana babo bona, leha e le ba tswileng lethekeng la Aborahama.

6. Athe Meleki-Sedeke ya sa balweng melokong ya bona, o ile a nka karolo e le nngwe ho tse leshome ho Aborahama, mme a hlohonolofatsa ya neng a etseditswe ditshepiso.

7. Ha ho ya ka hanyetsang hore e monyenyane o ye a hlohonolofatswe ke e moholo.

8. Hape ha e le baprista bao ba nkang karolo e le nngwe ho tse leshome, ke batho ba shwang; athe, ha e le Meleki-Sedeke, ke ya pakilweng hore o a phela.

9. Ho ka thwe esita le Levi ya nkang karolo e le nngwe ho tse leshome o ne a e ntshisitswe ka Aborahama,

10. hobane o ne a sa le lethekeng la moholoholo wa hae, mohla Meleki-Sedeke a mo kgahlanyetsang.

11. Setjhaba sa Iseraele se ile sa amohela Molao tlasa boprista ba Levi. Jwale, hoja boprista boo e ne e le bo phethehileng, na ho ne ho sa ntse ho hlokahala hore ho hlahe moprista e mong, eo e leng yena jwaloka Meleki-Sedeke, e seng jwaloka Arone?

12. Ha boprista bo fetoha, molao le wona eka kgona o fetohe.

13. Jwale eo ho buuwang ka yena tabeng tsena ke wa leloko lesele, leo ho seng setho le se seng sa lona se kileng sa sebeletsa aletareng.

14. Efela ho tsejwa hantle hore Morena wa rona o tswile lelokong la Juda, leo Moshe a sa kang a bolela letho ka lona, ha a bua ka tsa boprista.