BIBELE

Baheberu 4:8-13 BIBELE (SSO89SO)

8. Hoja Joshua o ne a ile a fela a ba phomotsa, hamorao Modimo a ka be a sa ka a bolela letsatsi le leng hape.

9. Ha ho le jwalo, setjhaba sa Modimo se sa saletswe ke letsatsi la phomolo,

10. hobane ya keneng phomolong ya hae le yena o phomotse mesebetsing ya hae, jwalokaha Modimo le yena a ne a phomole ho ya hae.

11. A re thahaselleng ho kena phomolong eo, esere ka mokgwa o tshwanang le wane, ba bang ba wa, ka ho latela mohlala wa ho se mamele.

12. Lentswe la Modimo le a phela, le a sebetsa. Le bohale ho feta disabole tsohle tse sehang kamahohle. Le phohlotsa ho ya fihla moo bophelo le moya di kopanang teng, manonyeletsong le mokong. Le ahlola mehopolo le merero ya pelo.

13. Ha ho sebopuwa se ka patehang pela hae; tsohle di pepeneneng, di bonahala mahlong a hae, yena eo re tla ikarabella ho yena.