BIBELE

Baheberu 4:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Kaha re sietswe tshepiso ya ho kena phomolong ya hae, a re tshabeng, esere e mong wa lona a fumanwa a sitilwe ho kena.

2. Re boleletswe molaetsa o molemo jwaloka bona, empa lentswe leo ba le rutilweng ha le a ba tswela molemo, hobane ba le utlwileng ha le a ka la ba lomosa tumelong.

3. Rona ba dumetseng re fela re kena phomolong, jwalokaha a itse:“Yaba ke hlapanya ke halefile,ke re:<Ba ke ke ba ba ba kenaba kena phomolong ya ka.> ”A rialo le hoja mesebetsi ya hae e ne e phethahale ho tloha tlholehong ya lefatshe,

4. hobane ha ho buuwa ka letsatsi la bosupa ho itswe: “Ka letsatsi la bosupa Modimo a phomola mesebetsing yohle ya hae.”

5. Hape ha thwe: “Ba ke ke ba ba ba kena phomolong ya ka le ka mohla.”

6. Kaha ba neng ba bolellwe molaetsa o molemo pele, ba sa ka ba kena phomolong ya hae ka baka la ho se dumele, ho sa na le ba bang ba tla kena.

7. Ka hona Modimo o boetse o kgethile letsatsi le leng, leo a reng ke: “Kajeno”. Ha ho se ho fetile dilemo tse ngata, mme a bua ka molomo wa Davida, o sebedisa mantswe a seng a boletswe, o re:“Kajeno ha le utlwa lentswe la hae,se thatafatseng dipelo tsa lona.”

8. Hoja Joshua o ne a ile a fela a ba phomotsa, hamorao Modimo a ka be a sa ka a bolela letsatsi le leng hape.