BIBELE

Baheberu 3:3-16 BIBELE (SSO89SO)

3. Jesu o bile o lokelwa ke tlotla e fetang ya Moshe, jwalokaha sehahi sa ntlo se hlompheha ho feta ntlo ka boyona.

4. Efela ntlo e nngwe le e nngwe e na le sehahi sa yona, mme sehahi sa tsohle ke Modimo.

5. Moshe o ile a tshepahala tlung yohle ya Modimo e le mosebeletsi ya pakang tse tlang ho bolelwa ke Modimo,

6. empa Kreste, e le Mora, o tsepahala tlung ya hae eo a e okametseng. Ntlo eo ke rona ha re ka ba sebete, mme ra boloka tshepo eo re leng motlotlo ka yona.

7. Ka baka leo, jwalokaha Moya o Halalelang o bolela:“Kajeno ha le utlwa lentswe la hae,

8. se thatafatseng dipelo tsa lonajwaloka mohlaba mo fetohelang,jwaloka mohlaba mo lekang lehwatateng,

9. moo bo-ntata lonaba ileng ba nteka teng,ba nnonya,leha ba ne ba bone diketso tsa ka

10. ka dilemo tse mashome a mane.Ka baka leo,ka halefela moloko oo,ka re: <Kamehla dipelo tsa bonadi kgelohile,ha ba a ka ba tseba ditsela tsa ka.>

11. Yaba ke hlapanya ke halefile,ke re:<Ba ke ke ba ba ba kena,ba kena phomolong ya ka.> ”

12. Bana beso, hlokomelang, esere mohlomong e mong wa lona a ba le pelo e mpe, e hanang ho dumela, e mo arohanyang le Modimo ya phelang.

13. Le mpe le kgothatsane ka matsatsi wohle, ha ho sa ntsane ho thwe: “Kajeno”, e le hore ho se be le ya mong ya ithatafatsang ka ho thetswa ke sebe.

14. Re fetohile ba nang le kabelo le Kreste ho tsa hae, ha feela re tiisetsa, ho isa qetellong, tshepong e tiileng eo re bileng le yona qalong,

15. kaha o thwe:“Kajeno ha le utlwa lentswe la hae,se thatafatseng dipelo tsa lonajwaloka mohla ba mo fetohelang.”

16. Jwale ke bafe ba ileng ba le utlwa, mme ba mo fetohela? Na hase bohle ba ileng ba tswa Egepeta ba tsamaiswa ke Moshe?