BIBELE

Baheberu 3:10-19 BIBELE (SSO89SO)

10. ka dilemo tse mashome a mane.Ka baka leo,ka halefela moloko oo,ka re: <Kamehla dipelo tsa bonadi kgelohile,ha ba a ka ba tseba ditsela tsa ka.>

11. Yaba ke hlapanya ke halefile,ke re:<Ba ke ke ba ba ba kena,ba kena phomolong ya ka.> ”

12. Bana beso, hlokomelang, esere mohlomong e mong wa lona a ba le pelo e mpe, e hanang ho dumela, e mo arohanyang le Modimo ya phelang.

13. Le mpe le kgothatsane ka matsatsi wohle, ha ho sa ntsane ho thwe: “Kajeno”, e le hore ho se be le ya mong ya ithatafatsang ka ho thetswa ke sebe.

14. Re fetohile ba nang le kabelo le Kreste ho tsa hae, ha feela re tiisetsa, ho isa qetellong, tshepong e tiileng eo re bileng le yona qalong,

15. kaha o thwe:“Kajeno ha le utlwa lentswe la hae,se thatafatseng dipelo tsa lonajwaloka mohla ba mo fetohelang.”

16. Jwale ke bafe ba ileng ba le utlwa, mme ba mo fetohela? Na hase bohle ba ileng ba tswa Egepeta ba tsamaiswa ke Moshe?

17. Ke bafe bao a ileng a ba halefela ka dilemo tse mashome a mane? Na hase ba ileng ba etsa sebe, bao ditopo tsa bona di ileng tsa sala lehwatateng?

18. Ke bafe bao a ileng a ba hlapanyetsa hore ba ke ke ba kena phomolong ya hae le ka mohla, haese batho bao ba neng ba hana ho mamela?

19. Re a bona he, hore ba ile ba sitwa ho kena ka baka la ho se dumele ha bona.