BIBELE

Baheberu 12:23-29 BIBELE (SSO89SO)

23. Le tlile phuthehong ya matsibolo ao mabitso a wona a ngotsweng bukeng ya lehodimo; le tlile le ho Modimo, moahlodi wa batho bohle, le ho meya ya ba lokileng, ba fihletseng phetheho.

24. Le tlile ho Jesu, mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se setjha, eo madi a hae a hlwekisang, a buang ka matla ho feta madi a Abele.

25. Hlokomelang, le se ke la hana ho mamela ya buang. Baiseraele ba ileng ba hana ho mamela, ha a ba lemosa a le lefatsheng, ha ba a ka ba phonyoha. Jwale ebe rona re ka phonyoha jwang, haeba re furalla ya re lemosang a le lehodimong?

26. Mohlang oo lentswe la hae la na la reketlisa lefatshe, empa kajeno o boletse hona, a re: “Ke sa tla boela ke reketlisa lefatshe hanngwe hape; e seng lona feela, empa le lona lehodimo.”

27. Jwale mantswe ana, “hanngwe hape”, a bolela ho tloswa ha dintho tse ka sisinngwang, tse bopilweng, hore ho tle ho sale tse ke keng tsa sisinngwa.

28. Kaha re amohela mmuso o ke keng wa sisinngwa, a re leboheng, re sebeletse Modimo ka mokgwa o kgahlisang, ka tshabo le hlompho,

29. hobane Modimo wa rona ke mollo o tjhesang lore!