BIBELE

Baheberu 12:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha e le mona re aparetswe ke leru la dipaki le lekanakana, le rona a re lahleng tsohle tse re sitisang, le sebe se re kgomaretseng, mme re mathe ka tiisetso peisong eo re e beetsweng.

2. Re tadimeng ho Jesu, moqadi le mophethahatsi wa tumelo ya rona. Ke yena eo, ka baka la thabo eo a neng a e lebeletse, a ileng a mamella mahloko a sefapano, a se ke a natsa ho tlontlollwa ka sona, mme jwale o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo.

3. Nahanang ya ileng a mamella dikganyetso tse kaalokaalo tsa baetsadibe, esere la nyahama dipelo, la kgathala.

4. Ntweng ya lona le sebe ha le eso lwane hoo madi a ka tsholohang,

5. mme le se le lebetse mantswe a kgothatsang, a builweng ho lona le le bana ba Modimo, a reng:“Mora wa ka,se nyedise kgalemelo ya Morena,se kgathale ha a o laya;

6. hoba Morena o kgalemaeo a mo ratang,o shapa mora e mong le e mongeo a mo amohelang.”

7. Mamellang matshwenyeho e le kgalemelo ya Modimo ya le nkang le le bana ba hae. Ana ke mora ofe eo ntatae a sa mo kgalemeleng?

8. Empa haeba le sa dumele ho kgalemelwa jwaloka bana bohle, ha le bana ba hae, le bana ba matsheho.

9. Hapehape re bile le bo-ntata rona ba lefatshe, ba ileng ba re kgalemela, mme ra ba hlompha; na jwale ha re lokele ho ikokobeletsa Ntata rona wa moya ka ho fetisisa, re tle re phele?

10. Bo-ntata rona ba re kgalemetse ka nakwana feela, kamoo ba neng ba bona kateng, empa Modimo o re etsetsa molemo ka ho re kgalemela, hore re tle re be le kabelo kgalalelong ya hae.

11. Kgalemelo e nngwe le e nngwe ha e etswa ha e thabise, e bohloko, empa hamorao bao e ba thapisitseng, e ba tlisetsa ditholwana tsa kgotso, tsa ho loka.

12. Ka baka leo, phahamisang matsoho a lona a kgathetseng, le matlafatse mangwele a lona a rerekelang.

13. Tsamaisang maoto a lona ditseleng tse otlolohileng, e le hore leoto le hlotsang le tle le se ke la nonyetseha, le mpe le fole.

14. Pheellang ho phela le bohle ka kgotso le ka kgalalelo, hobane ntle ho yona ha ho ya tla bona Morena.