BIBELE

Baheberu 11:33-40 BIBELE (SSO89SO)

33. Ka tumelo batho bao ba ile ba fenya mebuso, ba etsa tse lokileng, ba fumana tseo ba neng ba di tshepisitswe. Ba bolaya ditau,

34. ba tima mollo o bohale, ba phonyoha ho bolawa ka sabole. Ba ne ba fokola, empa ba boela ba matlafala, ba fetoha dinatla ntweng, ba qhala dimphi tsa baditjhaba.

35. Basadi ba boela ba kgutlisetswa bafu ba bona ba tsohileng bafung. Empa ba bang, e le hore ba tle ba tsohele bophelo bo botle ka ho fetisa, ba ile ba hana ho lokollwa, ba shwela ditlhokofatsong.

36. Ba bang ba ile ba feta hara ditshomo le ditjhapo, ba kenngwa ditlamong le ditjhankaneng.

37. Ba tlepetswa ka majwe, ba kgaolwa mmele koto tse pedi, ba bolawa ka sabole. Ba ile ba phailaka ba apere matatana, ba futsanehile, ba hlorisitswe, ba hlekefeditswe.

38. E ne e le batho bao lefatshe le sa ba tshwaneleng. Ba ile ba lelera mafeelleng le dithabeng, mahaheng le matsabeng a lefatshe.

39. Kaofela ha bona, leha ba ile ba pakwa ka baka la tumelo ya bona, ha ba a ka ba amohela seo Modimo a neng a ba tshepisitse sona.

40. Kaha Modimo a ne a re reretse tse molemo ka ho fetisa, ba ne ba ke ke ba etswa ba phethehileng, rona re le siyo.