BIBELE

Baheberu 11:17-34 BIBELE (SSO89SO)

17. Ka tumelo mohla Aborahama a lekwang, o ile a nyehela ka Isaka. A nyehela ka mora wa hae ya inotshi, leha a ne a etseditswe ditshepiso,

18. mme ho itswe ho yena: “Ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao.”

19. O ne a ikgodisitse hore Modimo o na le matla, esita le a ho tsosa motho bafung. Kahoo a boela a amohela mora wa hae, jwaloka hoja a tsohile bafung.

20. Ka tumelo Isaka o ile a hlohonolofaletsa Jakobo le Esau tse tlang ho ba teng.

21. Ka tumelo ha Jakobo a le lekgatheng la ho shwa, o ile a hlohonolofatsa bara ba Josefa ka bonngwe, mme a kgumama, a rapela a itsheheditse ka lere la hae.

22. Ka tumelo ha Josefa a le lekgatheng la ho shwa, o ile a bua ka ho tswa ha bana ba Iseraele Egepeta, a ba a fana ka ditaelo tse amanang le masapo a hae.

23. Ka tumelo yare hoba Moshe a tswalwe, a patwa dikgwedi tse tharo ke batswadi ba hae. Ba mmona e le ngwana e motle, mme ha ba a ka ba tshoswa ke taelo ya kgosi.

24. Ka tumelo ha Moshe a se a hodile, o ile a hana ho bitswa mora wa moradi wa Faro;

25. a mpa a ikgethela ho hlekefetswa le setjhaba sa Modimo, ho ena le ho ithabisa ka sebe ka nakwana.

26. A nka sekgobo sa Kreste e le leruo le fetang menono ya Baegepeta, hobane o ne a shebile moputso.

27. Ka tumelo a tswa Egepeta, a sa tshoswe ke kgalefo ya kgosi; a tiisetsa jwaloka hoja a bona ya sa bonweng.

28. Ka tumelo a etsa mokete wa Paseka, mme a foka menyako ka madi, e le hore Motimetsi a tle a se ke a ama matsibolo a Baiseraele.

29. Ka tumelo Baiseraele ba ile ba tshela Lewatle le Lefubedu, jwaloka hoja ba tsamaya mobung o ommeng; athe Baegepeta ba ileng ba leka ho ba etsisa, le ile la ba metsa.

30. Ka tumelo marako a neng a sireleditse Jeriko a ile a heleha, hoba a potapotwe ka matsatsi a supileng.

31. Ka tumelo Rahaba wa seotswa ha a a ka a timela hammoho le ba sa dumelang, hobane o ne a ile a amohela dihlwela ka kgotso.

32. Ke tla reng hape? Nka haellwa ke sebaka sa ho lokodisa tsa Gideone, Barake, Samosone, Jafeta, Davida, Samuele le baporofeta.

33. Ka tumelo batho bao ba ile ba fenya mebuso, ba etsa tse lokileng, ba fumana tseo ba neng ba di tshepisitswe. Ba bolaya ditau,

34. ba tima mollo o bohale, ba phonyoha ho bolawa ka sabole. Ba ne ba fokola, empa ba boela ba matlafala, ba fetoha dinatla ntweng, ba qhala dimphi tsa baditjhaba.