BIBELE

Baheberu 11:1-5 BIBELE (SSO89SO)

1. Tumelo ke ho tshepa dintho tse ntseng di lebeletswe, ke ho kgodiseha ka tse esong ho bonwe.

2. Ke ka baka la yona baholoholo ba rona ba ileng ba pakwa.

3. Ka tumelo re utlwisisa hore lefatshe lohle le bopilwe ka lentswe la Modimo, mme tse bonwang di tswa ho tse sa bonweng.

4. Ka tumelo Abele o ile a nyehella Modimo ka sehlabelo se setle ho feta sa Kaine. Ke ka yona a pakilweng hore o lokile, kaha Modimo a ananetse dimpho tsa hae, mme ka yona Abele o ntse a bua, leha a shwele.

5. Ka tumelo Henoke o ile a nkelwa lehodimong, a sa ka a shwa. Ha a a ka a hlola a fumanwa, hobane Modimo a ne a mo nke. Efela, pele a nkwa, o ne a pakilwe hore o kgahlisitse Modimo.