BIBELE

Baheberu 10:4-16 BIBELE (SSO89SO)

4. etswe madi a dipoho le a diphooko ha a ka ke a tlosa dibe.

5. Ka baka leo, ha Kreste a etla lefatsheng, a na a re:“Sehlabelo le nyehelo ha o di batle,feela o ntokiseditse mmele.

6. Ditjheso le mahlabeloka baka la dibeha di o kgahlise.

7. Yaba ke re:Bona, ke nna enwa,eo ho ngotsweng ka yenabukeng ya Molao.Ke tlile, Modimo,ho phetha thato ya hao.”

8. O qadile ka ho re: “Mahlabelo, le dinyehelo, le ditjheso, le mahlabelo ka baka la dibe, ha o di batle, ha di o kgahlise,” leha di nyehelwa ho ya ka Molao.

9. Yaba o re: “Bona, ke nna enwa, ke tlile ho phetha thato ya hao.” Ka hona Modimo o fedisa bosebeletsi ba pele, hore a hlome bo botjha.

10. Ke ka thato eo re halaleditsweng ka nyehelo ya mmele wa Jesu Kreste, e entsweng hanngwe feela.

11. Ka matsatsi wohle moprista e mong le e mong o phetha tsa tshebeletso, mme o nyehela hangata ka wona mahlabelo ana, ao ho hang a ke keng a tlosa dibe.

12. Empa Kreste, hoba a nyehele hanngwe ka sehlabelo ka baka la dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Modimo, ka mehla yohle;

13. mme jwale o lebeletse hore dira tsa hae di etswe bonamelo ba maoto a hae.

14. Ka ho inyehela hanngwe feela o ile a etsa hore bao a ba halaleditseng ba phethehe ka mehla yohle.

15. Le Moya o Halalelang o a re pakela, hobane o qadile ka ho re:

16. “Selekane seo ke tla se etsa le bonaha matsatsi ao a fetile,ho rialo Morena, ke sena:Ke tla kenya molao wa kamaikutlong a bona,kahara dipelo tsa bona.”