BIBELE

Baheberu 10:26-39 BIBELE (SSO89SO)

26. Ha re etsa dibe ka boomo, empa re se re fumane tsebo ya nnete, ha ho sa na sehlabelo se ka tlosang dibe tseo;

27. ho tla sala tebello e tshabehang ya kahlolo, le kgabo ya mollo e tla timetsa bahanyetsi.

28. Ha motho a sa boloke Molao wa Moshe, o ne a bolawa ka bopaki ba dipaki tse pedi kapa tse tharo, ho se mohau.

29. Ha le nahana, kotlo e tla ba boima hakaakang, e lokelang ya hataketseng Mora wa Modimo, ya tlontlolotseng madi a selekane ao a hlwekisitsweng ka wona, ya nyefotseng Moya wa Modimo o mohau!

30. Etswe re tseba ya itseng:“Phetetso ke ya ka,ke nna ya tla lefeletsa.”Hape o itse:“Morena o tla ahlolasetjhaba sa hae.”

31. Ke ntho e tshabehang ho wela diatleng tsa Modimo ya phelang.

32. Hopolang ditshiu tse fetileng, tseo eitseng hoba le qale ho bona lesedi ka tsona, le ileng la tiisetsa ntweng e boima, e bohloko.

33. Ka nako e nngwe le ile la fetolwa se-bonwang-se-bonwa-ke-bohle ka ho hlapaolwa le ka ho hloriswa; ka nako e nngwe la etswa balekane ba ba etswang tse jwalo.

34. Le ile la utlwela batlamuwa bohloko; la dumela ho amohuwa maruo a lona le thabile, le ntse le tseba hore le na le leruo le leng le molemo ho feta, le sa senyeheng.

35. Jwale le se ke la lahlehelwa ke tshepo eo ya lona, e nang le moputso o moholo.

36. Le sa hloka mamello, e le hore, ka ho phetha thato ya Modimo, le tle le amohele seo le se tshepisitsweng,

37. hobane kamora nakwana:“Ya tshwanetseng ho tla o tla tla,a ke ke a dieha.

38. Ya lokileng o tla phela ka tumelo,empa ha a ka ikgula,ha a sa tla nkgahlisa.”

39. Ha e le rona, ha re ba ka ikgulang, mme ra ya timelong, empa re ba dumelang, hore re tle re ye pholohong.