BIBELE

Baheberu 10:18-29 BIBELE (SSO89SO)

18. Jwale moo tshwarelo e seng e le teng, nyehelo e etswang ka baka la dibe ha e sa hlokahala.

19. Bana beso, re na le tshepo e tiileng ya ho kena ka Sehalalelong ka madi a Jesu.

20. Re na le tsela e ntjha, e phelang, eo a re buletseng yona ka ho phunyeletsa lesira, e leng botho ba hae.

21. Re na le Moprista ya Phahameng, ya okametseng ba ntlo ya Modimo.

22. Kahoo a re atameleng ka dipelo tse tshepahalang, le ka tumelo e tletseng, re hlwekisitswe dipelo ho kgutsisa matswalo a rona, re hlatswitswe mmele ka metsi a hlwekileng.

23. A re tiisetseng ho bolela tshepo ya rona re sa thekesele, hobane ya re tshepisitseng o a tshepahala.

24. A re hlokomelaneng, mme re kgothaletsaneng leratong le mesebetsing e metle.

25. Re se ke ra furalla diphutheho tsa rona, jwalokaha ba bang ba tlwaetse. Empa re kgothatsane, haholoholo kaha le a bona hore Letsatsi la Morena le ntse le atamela.

26. Ha re etsa dibe ka boomo, empa re se re fumane tsebo ya nnete, ha ho sa na sehlabelo se ka tlosang dibe tseo;

27. ho tla sala tebello e tshabehang ya kahlolo, le kgabo ya mollo e tla timetsa bahanyetsi.

28. Ha motho a sa boloke Molao wa Moshe, o ne a bolawa ka bopaki ba dipaki tse pedi kapa tse tharo, ho se mohau.

29. Ha le nahana, kotlo e tla ba boima hakaakang, e lokelang ya hataketseng Mora wa Modimo, ya tlontlolotseng madi a selekane ao a hlwekisitsweng ka wona, ya nyefotseng Moya wa Modimo o mohau!