BIBELE

Baheberu 10:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Molao wa Moshe e bile seriti feela sa tse molemo tse tlang ho tla, e seng setshwantsho sa nnete sa dintho tseo. Ka mahlabelo wona ao, a nyehelwang ka selemo le selemo hoyahoile, Molao ha o ka ke wa etsa hore ba nyehelang ka wona ba phethehe.

2. Ho seng jwalo, batho ba ka be ba kgaoditse ho nyehela ka mahlabelo ao, hobane barapedi, ha ba ne ba se ba kile ba hlwekiswa hanngwe, ba ne ba ke ke ba hlola ba eba le letswalo.

3. Empa mahlabelo ao a hopotsa batho dibe tsa bona ka selemo le selemo;

4. etswe madi a dipoho le a diphooko ha a ka ke a tlosa dibe.