BIBELE

Bafilipi 4:5-16 BIBELE (SSO89SO)

5. Mosa wa lona o ke o tsejwe ke batho bohle. Morena o haufi.

6. Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho.

7. Kgotso ya Modimo, e fetang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Kreste Jesu.

8. Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane.

9. Tseo le ithutileng tsona, la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, le di phethe, mme Modimo ya re fang kgotso o tla ba le lona.

10. Morena o nthabisitse ha e le mona qetellong le ile la boela la nthahasella. Hase ho re le ne le sa nthahaselle, le mpile le sa fumane monyetla.

11. Ha ke rialo ka baka la ho hloka, hobane ke ithutile ho kgotsofalla boemo boo ke leng ho bona.

12. Ke tseba hore na ho kolla ntsi hanong ke eng; ke tseba le hore na ho hafa ka nkatana ke eng. Dinthong tsohle, ka mekgwa yohle, ke ithutile ho phela ka ho kgora le ka ho lapa, ka nala le ka bohloki.

13. Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang.

14. Leha ho le jwalo, le entse hantle ha le nthusitse tsietsing ya ka.

15. Le lona Bafilipi, le a tseba hore ha ke qala ho phatlalatsa molaetsa o molemo, ha ke tloha Masedonia, ha ho kereke e kileng ya mpuseletsa letho bakeng sa thuso ya ka, haese lona feela.

16. Ha ke ne ke le Thesalonika, ke ka makgetlo le ileng la nthomella seo ke neng ke se hloka.