BIBELE

Bafilipi 4:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha ho le jwalo, bana beso ba ratehang, bao ke ba hlolohetsweng haholo, lona baratuwa, thabo le moqhaka wa ka, emang le tiile jwalo Moreneng.

2. Ke rapela Efodia le Sintike hore ba be pelonngwe Moreneng.

3. Le wena molekane wa ka mosebetsing, wena ya tshepahalang, ke a o kopa hore o ba thuse, hobane ba ile ba lwanela molaetsa o molemo hammoho le nna, le Tlelemente le balekane ba bang ba ka, bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo.

4. Kamehla thabang ka ho ba ho Morena; ke boela ke re: Thabang!

5. Mosa wa lona o ke o tsejwe ke batho bohle. Morena o haufi.

6. Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho.