BIBELE

Bafilipi 2:23-30 BIBELE (SSO89SO)

23. Ka baka leo, ke yena eo ke hopotseng ho mo roma, hanghang ha ke bone boemo ba ditaba tsa ka.

24. Ka thuso ya Morena ke na le tshepo e tiileng ya hore le nna ke tla tla ho lona haufinyane.

25. Hape ke fumana ho lokela hore ke rome ngwanabo rona Epafaroditose, eo re thusaneng le yena mosebetsing le ntweng, eo le neng le mo laele ho tla ntshebeletsa ha ke ne ke hloka thuso.

26. O le hlolohetswe bohle, o tshwenyehile haholo, hobane le ne le utlwe hore o ile a kula.

27. E, ke nnete o ne a kulela lefu, empa Modimo o ile a mo hauhela. Ha a a ka a hauhela yena feela, empa le nna o nkgauhetse, esere ka sithabetswa ke maswabi.

28. Ka baka leo, ke thabetse ho mo romela ho lona, le tle le thabele ho mmona hape, le nna maswabi a ka a tle a fokotsehe.

29. Mo amoheleng ka thabo ka lebitso la Morena. Hlomphang ba kang yena,

30. hobane ka baka la mosebetsi wa Kreste o ile a batla a eshwa, feela a sa re letho ka bophelo ba hae, a mpa a iteletse ho ntshebeletsa moo lona le sitilweng ho ntshebeletsa teng.