BIBELE

Bafilipi 1:10-27 BIBELE (SSO89SO)

10. hore le tle le tsebe ho hlalohanya tse nang le thuso. Kahoo le tla hloka kodi le molato mohla Letsatsi la ho tla ha Kreste,

11. le tlale ho loka ho tswang ho Kreste, e tle e be tlotla le thoriso ho Modimo.

12. Bana beso, ke rata ho le tsebisa hore tse ntlhahetseng di entse hore molaetsa o molemo o atlehe haholo.

13. Ba ntlo ya bobusisi kaofela, le ba bang bohle, ba tseba hantle hore ke ditlamong ka baka la Kreste,

14. mme bana babo rona ba bangata ba tshepile Morena ka ho tiya ka baka la ditlamo tsa ka, hoo ba leng sebete ho feta pele ho bolela lentswe la Modimo ba sa tshabe letho.

15. Ke nnete, ba bang ba phatlalatsa tsa Kreste ka mona le ka kgang, empa ba bang ba etsa jwalo ka dipelo tse ntle.

16. Ha e le bona ba etsa ka lerato, ba ntse ba tseba hore nna ke kwano ka baka la ho buella molaetsa o molemo.

17. Ba pele bona ba bolela tsa Kreste ka kgang, ka sepheo se sebe, ba hopotse hore ba tla nkekeletsa matshwenyeho ha ke ntse ke le ditlamong.

18. Ho nang? Ha feela Kreste a ntse a bolelwa ka mokgwa ofe kapa ofe, e ka ba ka boiketsiso kapa ka nnete, hoo ho a nthabisa, mme ke tla nne ke ho thabele.

19. Ke tseba hore, ka dithapello tsa lona le ka thuso ya Moya wa Jesu Kreste, qetello ya tsena tsohle e tla ba pholoho ya ka.

20. Seo ke se lebeletseng, mme ke se tshepileng, ke sena: Ha ke na ho swabiswa ke letho, empa jwale le kamehla ke na le tshepo e tiileng ya hore Kreste o tla tlotliswa ka nna, leha nka shwa kapa ka phela.

21. Ho nna, bophelo ke Kreste, mme lefu le molemo ho feta.

22. Empa haeba ho phela lefatsheng ho ka nthusa ho phetha mosebetsi wa bohlokwa, ke tla kgetha eng? Ha ke tsebe.

23. Ke qakilwe ke ntho tsena tse pedi: Ke lakatsa ho falla bophelong bona, ke yo ba le Kreste, mme hona ho molemo ka ho fetisisa,

24. empa ho phela lefatsheng ho ntse ho hlokahala haholo, ka baka la lona.

25. Jwale ke kgodisehile, mme ke a tseba hore ke tla nne ke phele, ke dule le lona bohle, le tle le fumane katleho le thabo tumelong.

26. Ha ke se ke boetse ho lona hape, le tla tseba ho ithorisa haholo ka nna ho Kreste Jesu.

27. Feela le ke le phele ka mokgwa o tshwanelang molaetsa o molemo wa Kreste, e le hore, leha nka tla ho le bona kapa ka sitwa, ke nne ke utlwe hore le ntse le tiile, le moyamong, mme ka maikutlo a le mang le lwanela tumelo e hlahiswang ke molaetsa o molemo.