BIBELE

Bafilipi 1:1-17 BIBELE (SSO89SO)

1. Nna Paulosi, le Timothea, bahlanka ba Kreste Jesu, re dumedisa badumedi bohle bao e leng ba Kreste Jesu, ba leng Filipi, le baokamedi, le basebeletsi ba kereke, re re:

2. Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona.

3. Ke leboha Modimo wa ka kamehla ha ke le hopola,

4. mme kamehla ha ke le rapella bohle, ke ka thabo ke rapelang,

5. hobane le ile la kopanela molaetsa o molemo wa Kreste le nna, ho tloha letsatsing la pele ho fihlela kajeno.

6. Ke kgodisehile hore ya qadileng mosebetsi ona o motle hara lona o tla o ntshetsa pele ho fihlela Letsatsing la ho tla ha Kreste Jesu.

7. Ho a lokela hore ke be le maikutlo a jwalo ka lona bohle, kaha le le pelong ya ka kamehla, lona bohle ba nang le kabelo lehlohonolong la ka, leha ke le ditlamong, leha ke fumane sebaka sa ho buella kapa ho tiisa molaetsa o molemo.

8. Modimo ke paki ya kamoo ke le hlolohetsweng kateng ka lerato le kang la Kreste Jesu.

9. Thapelo ya ka ke hore le ekeletswe lerato le nang le tsebo le kutlwisiso yohle hoyahoile,

10. hore le tle le tsebe ho hlalohanya tse nang le thuso. Kahoo le tla hloka kodi le molato mohla Letsatsi la ho tla ha Kreste,

11. le tlale ho loka ho tswang ho Kreste, e tle e be tlotla le thoriso ho Modimo.

12. Bana beso, ke rata ho le tsebisa hore tse ntlhahetseng di entse hore molaetsa o molemo o atlehe haholo.

13. Ba ntlo ya bobusisi kaofela, le ba bang bohle, ba tseba hantle hore ke ditlamong ka baka la Kreste,

14. mme bana babo rona ba bangata ba tshepile Morena ka ho tiya ka baka la ditlamo tsa ka, hoo ba leng sebete ho feta pele ho bolela lentswe la Modimo ba sa tshabe letho.

15. Ke nnete, ba bang ba phatlalatsa tsa Kreste ka mona le ka kgang, empa ba bang ba etsa jwalo ka dipelo tse ntle.

16. Ha e le bona ba etsa ka lerato, ba ntse ba tseba hore nna ke kwano ka baka la ho buella molaetsa o molemo.

17. Ba pele bona ba bolela tsa Kreste ka kgang, ka sepheo se sebe, ba hopotse hore ba tla nkekeletsa matshwenyeho ha ke ntse ke le ditlamong.