BIBELE

3 Johanne 1:6-15 BIBELE (SSO89SO)

6. Ba pakile lerato la hao pontsheng ya phutheho e mona, mme e tla ba o entse hantle ha o ka ba thusa leetong la bona, ka mokgwa o tla kgahlisa Modimo.

7. Ba kene leetong lena ka baka la lebitso la Kreste, ba sa amohele thuso efe kapa efe ho bahedene.

8. Rona re tshwanetse ho thusa batho ba jwalo, e le hore re tle re sebeletse nnete mmoho le bona.

9. Ke se ke ngoletse phutheho lengolo, empa Dioterefese, ya ratang ditulo tse kapele, ha a re amohele.

10. Ka baka lena, mohla ke tlang, ke tla hlahatsa mesebetsi ya hae yohle. O re etseletsa ka dipuo tse mpe. Ha tsena di sa mo kgotsofatse, o hana ho amohela badumedi, ebile o thibela le ba ratang ho ba amohela, mme o ba leleka phuthehong.

11. Motswalle, o se ke wa latela mehlala e mebe, o mpe o latele e metle. Ya etsang tse ntle ke wa Modimo; ya etsang tse mpe ha a eso ka a tseba Modimo.

12. Bohle ba paka Demetriose; le nnete e a mo paka. Le rona re paka jwalo, mme o a tseba hore bopaki ba rona ke ba nnete.

13. Ke ne ke sa na le tse ngata tseo nka o bolellang tsona, empa ha ke rate ho o ngolla tsona;

14. feela ke tshepa ho o bona haufinyane, mme ke tla bua le wena re shebane.

15. Kgotso e ke e be le wena. Metswalle ya rona e a o dumedisa. Le wena dumedisa metswalle ka mabitso.