BIBELE

3 Johanne 1:4-7 BIBELE (SSO89SO)

4. Ha ho ntho e nthabisang ho feta ho utlwa hore bana ba ka ba tsamaya nneteng.

5. Motswalle, seo o se etsetsang badumedi, le hoja e le baditjhaba, o se etsa ka botshepehi.

6. Ba pakile lerato la hao pontsheng ya phutheho e mona, mme e tla ba o entse hantle ha o ka ba thusa leetong la bona, ka mokgwa o tla kgahlisa Modimo.

7. Ba kene leetong lena ka baka la lebitso la Kreste, ba sa amohele thuso efe kapa efe ho bahedene.