BIBELE

2 Timothea 4:6-16 BIBELE (SSO89SO)

6. Ha e le nna ke se ke le lekgatheng la ho etswa sehlabelo, mme nako ya ho shwa ha ka e fihlile.

7. Ke lwanetse tsa Modimo senna, ke qetile thota ya peiso, ke bolokile tumelo.

8. Jwale ke se ke beetswe mofapahlooho wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho mputsa ka wona ka Letsatsi lela; e seng nna feela, empa le bohle ba lebeletseng boiponahatso ba hae.

9. Potlakela ho tla ho nna kapele,

10. hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe lena, mme o iketse Thesalonika; Keresekese o ile Galatia; Tite o ile Dalamatia.

11. Ke Luka feela ya setseng le nna. Tloo le Mareka, hobane o nthusa haholo mosebetsing.

12. Tikikose yena ke mo romile Efese.

13. Ha o etla o ntlele le kobo eo ke e siileng Terowase, ha Karapose; le dibuka, haholoholo tsa matlalo.

14. Aleksandere, eo e leng lelala la lethose, o nkentse hampe haholo. Morena o tla mo nea moputso o lokelang diketso tsa hae.

15. Le wena o itlhokomele, hobane o ile a hanyetsa dipolelo tsa rona ka matla.

16. Ha ke ne ke qala ho ikarabella kgotla, ha ho ya kileng a nkemela, empa bohle ba ile ba ntshabella. E se e ka ba ke ke ba ahlolelwa hoo.