BIBELE

2 Timothea 4:10-22 BIBELE (SSO89SO)

10. hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe lena, mme o iketse Thesalonika; Keresekese o ile Galatia; Tite o ile Dalamatia.

11. Ke Luka feela ya setseng le nna. Tloo le Mareka, hobane o nthusa haholo mosebetsing.

12. Tikikose yena ke mo romile Efese.

13. Ha o etla o ntlele le kobo eo ke e siileng Terowase, ha Karapose; le dibuka, haholoholo tsa matlalo.

14. Aleksandere, eo e leng lelala la lethose, o nkentse hampe haholo. Morena o tla mo nea moputso o lokelang diketso tsa hae.

15. Le wena o itlhokomele, hobane o ile a hanyetsa dipolelo tsa rona ka matla.

16. Ha ke ne ke qala ho ikarabella kgotla, ha ho ya kileng a nkemela, empa bohle ba ile ba ntshabella. E se e ka ba ke ke ba ahlolelwa hoo.

17. Empa Morena o ile a ba le nna, a mmatlafatsa, hore ke tle ke phatlalatse molaetsa o molemo ka ho tlala, baditjhaba bohle ba tle ba o utlwe. Ka lopollwa tleneng tsa tau.

18. Morena o tla nne a ntopolle mesebetsing yohle e kgopo, a mpholose, a nkise Mmusong wa hae wa lehodimo. Tlotla e ke e be ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!

19. Dumedisa Priseka le Akulase, le ba lelapa la Onesiforose.

20. Erasetuse o ile a sala Korinthe, athe Terofimose yena ke mo siile Mileta a kula.

21. Potlakela ho tla e eso be mariha. Eubulose, le Pudese, le Lenose, le Tlelaudia le bana babo rona bohle ba a o dumedisa.

22. Morena a ke a be le moya wa hao. Mohau o ke o be le lona.