BIBELE

2 Samuele 9:10-13 BIBELE (SSO89SO)

10. Ka baka leo, wena le bara ba hao, le bahlanka ba hao, le tla mo lemela, le be le mo kotulele, e le hore mora wa monga hao a tle a be le dijo. Empa Mefiboshete, mora wa monga hao, o tla ja le nna kamehla.” Siba o ne a ena le bara ba leshome le metso e mehlano, le bahlanka ba mashome a mabedi.

11. Yaba Siba o re ho kgosi: “Nna, mohlanka wa hao, ke tla etsa tsohle tseo monga ka a ntaelang tsona.”Mefiboshete a ja le kgosi, jwalokaha eka ke e mong wa bara ba kgosi.

12. Mefiboshete o ne a ena le mora ya neng a sa le monyenyane, lebitso la hae e le Mmika. Bohle ba neng ba phela lapeng la Siba e ne e le bahlanka ba Mefiboshete.

13. Yaba Mefiboshete o aha Jerusalema, a nna a ja le kgosi, le hoja a ne a holofetse maoto a mabedi hakaalo.